Moratoe Newsroom & Media

  • Home
  • Moratoe Newsroom & Media

Moratoe Newsroom & Media Moratoe Newsroom & Media page
(1)

27/07/2025

O ROLOA KE PELO

Limakatso Nkabi – PHQ

Lerotholi Mojela (40) oa MA*OWE I, Maseru, o hlahile Lekhotleng la ’Maseterata Maseru, ka pel’a ‘Maseterata Qhomane, bochochising ba Mochochisi Sefali, ka La 22 Phupu Monongoaha; a qosoa ka tšenyo ea thepa.

Puisanong le Sergeant (Sgt) Letlala Letlala ho tsoa Ofising ea Lipatlisiso Maseru e ka Thoko ho Toropo, o re ka La Robong Phupu Monongoaha, ofisi ea habo e fumane tlaleho ka lehlatsipa, e bontšang moqosuoa a chaisitse koloi ea lona.

O re moqosuoa le lehlatsipa (43) oa Ha Motloheloa, Maseru, ba ne ba le sepoleseng ho lokisa litaba tsa bona ka ofising ea Taolo ea Sephethephethe, ke moo e itseng ha moqosuoa a tsoa ka moo, a ileng a chaisa koloi ea lehlatsipa.

Sgt Letlala o re lipatlisiso li utullotse hape h**e moqosuoa, ba ’moneng ha chaisa koloi eo, ba ’motsa h**e na o etsetsang joalo, ke ha a bontša a etsa ka boomo, a iphethetsa.

Moqosuoa o fuoe ho itefella beile ea M500.00 eo a atlehileng ho e lefa. O tla boela a hlaha khotla ka La 18 Phato Monongoaha.

Sgt Letlala o ipilelitse ho batho h**e moo ba sa utloanang, ba se ke ba inkela molao matsohong kapa ho iphetetsa. A re batho ba joalo ba tsoele pele ho batla boeletsi.

27/07/2025

MOLISANA O EMETSE NYEOE EA PETO A LE KA BANNENG

Sentle Rangoanana - Mohale's Hoek

Mothusi Phitšane (34) oa Ha Lecheche Maphutšeng Mohale's Hoek, o hlahile Lekhotleng la 'Maseterata Mohale's Hoek, ka La 25 Phupu Monongoaha; a qosoa ka tlhekefetso ka motabo.

Detective Sergeant (D/Sgt.) Mokhoebi Lehloenya ho hlaha Ofising ea Tšireletso ea Bana le Tekano Mohale’s Hoek, o re ka La 14 Phupu Selemong sena , ho fihile tlaleho ofising ea habo, ka mosali (30) e reng Phitšane o mo hlekefelitse ka motabo.

D/Sgt Lehloenya o re ba fumane h**e ka La 14 Phupu 2025 motšeare, lehlatsipa le ne le tsoa leetong Ha Mootsinyane, ke moo le ileng la kopana le moqosuoa a alositse likhomo, eaba oa le hlasela ka ho tabola liaparo tse kahare ka thipa le ho le liela fatše; a nt’o le hlekefetsa.

Moqosuoa o theohetse ka Setsing sa Tlhabollo ea Batšoaruoa, ka mor’a ho tingoa monyetla oa beile. O tla boela a hlaha khotla ka La Robeli Phato Selemong sena.

Detective Inspector (D/Insp) Tefo Kopeli o tšoetse ketso ena ea moqosuoa ka mathe, ka ha a re banna ba lokela ho ba basireletsi ba basali, e seng bahlorisi.

27/07/2025

Ke bone eka ke kobo anela h**e ebe motho ha aqeta ho rota, ale mots'ehali kapa ale motona, o ts'oela mathe mono ma rotetseng.🤔🤔

27/07/2025

Moifo oa Moratoe Newsroom & Media o ho e 'ngoe ea Lihotele Mafeteng mona, Snookeng ho bapala PLATINUM le LEJOENG🕺🕺

27/07/2025

🙆🙆🤣🤣🤣🤣nthoena ea tami atseba e ea qabola kae-kae, lepolesa leo le boetse le ts'oeroe hape ka tami Mafeteng moo?

TP CONSTRUCTIONKe etsa li raka le li wardrobe tsa mabota ,Kea tiler, ke Kenya ceiling ka mefuta yohle , hape Kea penta k...
27/07/2025

TP CONSTRUCTION

Ke etsa li raka le li wardrobe tsa mabota ,Kea tiler, ke Kenya ceiling ka mefuta yohle , hape Kea penta ke fumaneha 🇱🇸 Lesotho le ka ntle ho naha hohle Kea fihla whatsapp number yaka ke +27 738 786925 / call +266 58314107

26/07/2025

Moifo oa Moratoe Newsroom & Media o sa imametse ka mona ka Vanrooyen, u shebile ba kenang le ba tsoang.

26/07/2025

🤔🤔🤔😭😭matla a Moratoe Newsroom & Media joo! Nthoe INFINITY 👏👏🙌🙌🙌

O FENETHA MOTSOALLE OA HAE OA HLOOHO EA KHOMO KA LERUMO♏oratoe news 26/07/2025 Limakatso Nkabi – PHQLilemo “Patsi” Tlebe...
26/07/2025

O FENETHA MOTSOALLE OA HAE OA HLOOHO EA KHOMO KA LERUMO

♏oratoe news 26/07/2025

Limakatso Nkabi – PHQ

Lilemo “Patsi” Tlebete Nkisi (19) oa Ha ’Masana, Maseru, o emetse nyeoe ea polao ea motho, a le ka Chankaneng, ka mor’a ho hlaha Lekhotleng la ’Maseterata Maseru, ka pel’a ’Maseterata Molapo, bochochising ba Mochochisi Sekoati, ka La 21 Phupu Monongoaha.

Puisanong le Detective Woman Police Constable (D/W/P/C) ’Makhabo Ratšoeu ho tsoa Ofising ea Mafokisi Maseru e ka Thoko ho Toropo, o re ka La 18 Phupu Monongoaha, ofisi ea habo e fumane tlaleho ea h**e ho na le monna (38) ea fenethiloeng motseng oa Ha ’Masana.

O re ba ile ba thakhola lipatlisiso tse utullotseng h**e ka La 17 Phupu Monongoaha, moqosuoa le mofu ba ne ba le ntlong ea mothamahane, moo moqosuoa e neng e le eena ea rekang joala, eare h’a re o felletsoe ke chelete, e setseng o lo reka liphahlo, mofu a bontša a sa utloisise.

A re ba ile ba ea hae, ’me ha ba le tseleng, ba ile ba qoaketsana ho tsekoa chelete; ba loana, ke moo moqosuoa a ileng a hlaba mofu ka tšepe; a ba a felloa ke bophelo.

Senior Inspector (S/Insp) Raohang Mokoka o ipiletsa ho batho ho tlohela tšebeliso e mpe ea tai le lithethefatsi. A re batho ba boloke chelete moo ho bolokehileng, ’me e sebelisoe mabakeng a bohlokoa.

~LMPS
Moratoe Newsroom & Media

26/07/2025

Ho thoe ke le joetse INFINITY mono Mafeteng Thabaneng Leloaleng le amohelehile bohle ho ea ithabisa, le teng ka boikarabello

LE RE MOTHO EO HA A*O FETOHE MAFETENG MOO?😭😭😭😭😭😭😭Heleee! Basotho ba heso tlohelang ho nehella batho beo lesa ba tsebeng ...
26/07/2025

LE RE MOTHO EO HA A*O FETOHE MAFETENG MOO?😭😭😭😭😭😭😭

Heleee! Basotho ba heso tlohelang ho nehella batho beo lesa ba tsebeng ka thepa ea lona le tla llela metsotso.😭😭😭😭😭😭😭😭

Ke re ho lona le hlokomele monna enoa ho thoe ke PONCHO, MOKOMA, OSAMA KAPA LITELU, o phela seterekeng sa Mafeteng, o sebeletsa tlasa lerako la NDSO mono renkeng ea nakoana.

Monna enoa o ntse a tsoelapele ka mesebetsi ea hae e metle ea ho lokisa Liphone ka mefuta mathateng ohle, li lap top le lipikara, ebile ho thoe ona le mamello ha a thusa licustomer tsa hae.

U tlo bone h**e o ikitlaeletsa mosebetsi, oa hae, le ka sontaha u ka mofumana.

Bona bakeng sa lintlha ka botlalo, bua le monna enoa nomorong ena☎️ 62710810

BACHA BA TS'OERENG KA THATA KA KHOEBO MAKAOTENGE kholo ea bo Makhabane Phepheng le e kholo ea bo Lihaka Mabitsa, ts'oara...
26/07/2025

BACHA BA TS'OERENG KA THATA KA KHOEBO MAKAOTENG

E kholo ea bo Makhabane Phepheng le e kholo ea bo Lihaka Mabitsa, ts'oarang ka thata bo Ntate khoebo ea Renaissance Business Solutions e ngatafale e tlale Lesotho.

Hoboro ea lona haona ngoana kaba e thiba.

Address


Alerts

Be the first to know and let us send you an email when Moratoe Newsroom & Media posts news and promotions. Your email address will not be used for any other purpose, and you can unsubscribe at any time.

Shortcuts

  • Address
  • Telephone
  • Alerts
  • Claim ownership or report listing
  • Want your business to be the top-listed Media Company?

Share