10/03/2025
Teleha #27
Ha rakhali a fihla mane ntlong eo esaleng ba koalla Michi teng, a hla a rohakana a sa le kantle ha a bona lemati le sohlamane ho se ho koetse ka lesenke.
"Ho etsahala eng moo, Mofiti?" a botsa e mong oa linokoane tseo tse neng li setse li katile Michi h**e a se ke a baleha joaloka Liopelo.
Ba ne ba mo tseba h**e ha a halefile o tlapunya rosoroso. Ba hla ba chechella morao. A ba sheba hape. A re, "Ke re na lemati la ka le robiloe ke eng? Mabota aka ha a fihla moo a tlo reng ha a bona mosoahla oo o le koetseng ka ona? Hona e kae chelete ea matsitsi aa ao esaleng ke e-ba siko moo?"
Ba halikisa mahlo batho. Ba ne ba e-s'o mo bolelle h**e Liopelo o thobile. Ba ne ba entse meraela h**e bohle bao e leng mabota a bona ha a ka bona Liopelo a tle a ba bolelle joale ke mona rakhali o se a le teng eo Liopelo a ntse a sa bonahale le seporo.
Mofiti a ingoaea sefahlehong. Ho tsoa ntho e kang phoofo kaha a ne a tsoile ntho e kang lekhoekhoe e bileng e foforehang ha e ngoauoa.
Rakhali a mo re pha! ka mpama. Mofiti a tsilatsila ha a tlameha ho baleha kaha a tseba h**e e tla ba o sentse mosebetsi.
A omana hape, "Ke re na le e kae chelete?" A leba ka phaposing eo ho sebeletsoang ka teng. Mofiti a mo eta kapele. A re, "Limamzo, se ka kena ba ntse ba hlapa."
Rakhali a mo sheba a hla a bona h**e taba e teng. A re, "Sutha mona ke batla ho bona bana bana ba khaitselo eaka."
Mofiti a hana ho sutha. Rakhali a mo thula feela. Mofiti a thekesela eaba rakhali a kena. A fumana e le Michi feela. A hla a tseba h**e e sa tla ke ebe Liopelo o nyametse. A be a se a letsetsa lepolesa leo a le patalang h**e le thole ha a etsa mesebetsi ena e soto. Eo a hlalosa ha ho so be le motho ea fihlileng sepoleseng a tlil'o tlaleha h**e o ne a hoebisoa ka ’mele.
Ache a utloa a sehoa ke mala rakhali. A lula betheng moo a ipotsa na ebe Liopelo o kae hona na ebe o ntse a sa nye matsete ho mapolesa ao rakhali a sa a feng tjotjo.