15/08/2025
BAETSANA BA SUPILENG BA QOSOANG 'MOHO LE DR. LIPHOLO.
Lipatlisiso tsa Sepolesa tse ntseng li tsoela pele li se li fumane batho ba supileng ba belaelloang h**e ke balekane ba moetapele oa Mokhatlo oa Basotho Covenant Movement (BCM) ea koaletsoeng, Moruti Tšepo Lipholo, leetong la hae la ho batla ho khutlisa libaka tse ileng tsa hapelloa Afrika Boroa ho tloha Lesotho pele ho 1966.
Ho ea ka tokomane ea lekhotla e bonoeng ke Leselinyane, batho bao ba supileng ke: Moruti Matsora, Mpiti Thamae, Mathapelo Motsamai, Morero Sekere, Kenneth Matee, Obed Makhatseane le Mohalo Moletsane. Ba qosoa ka ho rera le Dr Lipholo ho liha mmuso oa Motlotlehi, ka hona ba etsa "Treason"
Dr Lipholo o ile a qosoa ka molao oa Treason ka Mantaha ka pela Moahloli Lebusa Tšosane oa Lekhotla la 'Maseterata Maseru, ea ileng a mo eletsa h**e a batle beile Lekhotleng le Phahameng, kaha makhotla a manyenyane ha a na matla a ho mamela linyeoe tsa Treason.
Qoso ena e ncha ea Treason e eketsa melato e seng e ntse e le teng ea bofetoheli bo bobebe (sedition), khoebisano ea batho le ho hlompholla Lelapa la Borena, tse ileng tsa hlahisoa ka la 4 Phupu 2024 nakong ea ponahalo ea hae ea pele lekhotleng.
O ’nile a bolokoa chankaneng ho tloha ka nako eo.
Ho ea ka leqephe la liqoso, Dr Lipholo o ile a rera hammoho le ba supileng bao ka ketso ea bofetoheli ea ho rera ho liha mmuso.
~Phetolelo etsoa Lesotho Times