Mpoka Molefi Daniel

04/01/2026

Ba nahanang h**e rekase phele ntle le bona balo botsa family tsa rona tsere tswileng ho tsona🤞

Follow Mpoka Molefi Daniel

04/01/2026

Haeba ontso phelela puo tsa batho leka 2026 o hlotse thapelo onoe rapela ka 00:00 ha selemo sene se kgaowa

08/10/2025

House of zwide 08 October 2025 full episode

05/10/2025

Chiefs VS stellenbosch live match

05/10/2025

Chiefs VS stellenbosch

28/03/2025

Hana Rene rele hokae re tlowele batho ba mona

Ke nahana h**e ketlo batla motho e mong etloba admin ya page ena h**e haba report account yaka yena a post ka ya hae ka page yaka

24/03/2025

06
Tshepo a beha a hae metsi ka mora h**e mma lerato a tsholle a hae mme a kena ka ntlwaneng holo hlapela ka teng, eitse haa qeta a botsa mma lerato h**e mahlomola o dula hokae, oile a mofa tsela yaho fihla ha mahlomola mme a tswa a leba teng, tseleng o tsamaya a ntse a dumedisa batho ho bontsha phuthuloho ka mora lemo tse 15 a le tjhankaneng, eitse haa fihla ha mahlomola a kokota, naledi a tla a tlo bula

Tshepo :dumela Kgaitsedi, ekaba mahlomola o teng?

Naledi : tjhee, o se a theohetse

Tshepo : ohh Kea bona

Naledi : empa nka monkela molaetsa

Tshepo : atjhe ke bona h**e ketla kgutla mantsibua haase a le teng

Naledi : ntate ke mang?

Tshepo : ore fela ke abuti wa hae a neng a mohloka

Naledi : abuti? Haona mathatha ketla mo bolella

Naledi eitse haare o kwala monyako tshepo a hweletsa

Tshepo : Kgaitsedi? Mohlomong wena oka nthusa

Naledi : abuti keitse o sie molaetsa wa mpolella h**e otla kgutla, jwale bothatha keng ba h**e o kgutle haa tjhaha?

Tshepo : hoba ke nahana h**e seo ke neng kese tletse mona le wena oka nthusa ka sona

Naledi : ke eng Ntate?

Tshepo : wamo tseba ausi o thweng ke ntswaki?mahlomola oitse o dula pela hae mona, jwale ke nahana h**e mohlomong le wena owa mo tseba

Naledi : tjhee hakemo tsebe, mohlomong ke emong wa basadi ba hae

Tshepo :tjhee, hao jwalo

Naledi : retla reng?

Tshepo : ere kere ketla kgutla haase a le teng he Kgaitsedi

Tshepo a tswa mme eitse ha fihla hekeng a ema mme a qamaka matlo a pela mahlomola sebaka se se telele ha naledi a mo hlodisitse ka fesetere, a ntsha founu a founa

" hello?"

Naledi : ausi hojwang?

" ho shap ho jwang rato laka"

Naledi : helang wena tshwarelo hoo letsetsa feela empa hona le motho a emeng hekeng yaka mona o botsa ka wena

"nna?"

Naledi : eya, ore ntswaki a dulang pela haka mona, ntswaki ke wena fela ka mona, ke eo owa tsamaya mo hlodise ka festere wena

"haibo mehlolo, are o batla nna?"

Naledi :eya

" Witse ke mang?"

Naledi :hai polela lebitso, oitse fela ke abuti wa mahlomola, o moshebe otlo feta ho wena moo, o apere hempe e ntsho ka borikgwe bo botsho ke tswafile homo bontsha hoba ketlare keamo bontsha mona abao kenela mmae kapa o fumane ke motho a batlang ditaba ka wena

" Ahh nna mmae ketlamo qhala boko bona, etlare maponesa a fihla mona bebamo fumana asa rapalletse fatshe mona"

Naledi : omo shebe mmae, hape Kea tshaba hoba monna WA hao ke nahana h**e osa theohetse jwale otlao etsetsa Moferefere

" Ahh mmae hoja wamo bontsha, ekabe re bua enngwe haanajwale, kapa neketlomo fepa ntja tsena"

Naledi :otla nletsetsa haase a fitile ho wena moo, airtime yaka ea fela

Ntswaki a potlakela kamoreng ya hae mme a nka sethunya sa hae mme ase Kenya thekeng, a potlakela ka phapusing e nang le fesetere e nepaneng le tsela eo Tshepo atlo feta ka ho yona, eitse haa feta a leka homo Sheba empa a bona ele motho e mong asamo tsebeng

"kapa ke mmonela hole? Butle ketswe ka koloi ke tsebe ho mmona hantle"

Ntswaki atswa mme alo nka koloi, a bulela di ntja mme a bula heke atswa ka koloi, eitse haatlo feta pela tshepo a sakisa lebelo homo Sheba hantle

" Tshepo?haibo tshepo o tswile?"

24/03/2025

05
Ke hoseng mme mahlomola o tsuile hoseng hofeta jwalo ka mehleng, eitse ha mofumahadi wa hae are oa tsowa a fumana mahlomola ai ketsetsa tse ding tsa dintho tse neng di tlwaetse ho etsuwa ke yena

Naledi : mahlomola watseba maobane o tswile mona osa mpolella h**e oya hokae, hao kgutla o fihla o kena fela ka hara dikobo, hao bui lenna o mpolelle h**e ho etsahalang, haanajwale o tsuile oi ketsetsa Dijo, oi pehela metsi, oi shebela diaparo

Mahlomola : watseba ke tena ke tsowa kei ketsetsa ntho tsena ho ba ke sa batle ditaba, jwale Kea kopa

Naledi : ho tlowa neng mahlomola hakeo etsetsa dintho o kile wa nkutlwa ke buwa?

Mahlomola : ke kopa o kgutlele dikobong naledi, akere wa bona kea iketsetsa? Bothatha bo hokae?

Naledi : hobane ele eng? Keng ntho ekee entseng ho wena e mpe? Maobane mona o ne o mpolella h**e reka lahlehelwa ke le hae la rona, esale o nhomela o nsia ke hometswe kele jwalo

Mahlomola : ke tlotswa haebe osai kutlwi ho kgutlela dikobong, ke hoseng re rasetsa le ngwana

Naledi :Hoetsahetseng ka mahlomola ekemo tsebang?

Mahlomola :naledi Kea kopa,kea kopa

Naledi a kgutlela dikobong a thotse mme a kena dikobong a bapala ka mohala wa hae ha mma lerato a tsowa mme a ilo behela ngwana metsi h**e a tsebe ho hlapa, eitse ha bula monyako a kopana le Tshepo atswa ntlwaneng

Mma lerato : jowe tshwarelo hle abuti, nna nese ke tlwaetse hotswa ke apere tjena hoba harea ntlwaela hona le motho wa ntate ka tlung

Tshepo : haona mathatha Kgaitsedi ke phoso fela eka lukisehang

Mma lerato a boela kamoreng holo lata kobo akai kapesang ka yona ho kwaela mmele wa hae, atswa mme ailo beha metsi mme a fumana tshepo a phutha dikobo moo a neng a robetse teng

Mma lerato : hase hoseng haholo haose ontse o phutha dikobo?

Tshepo :tjhee, haele hantle ke setswe, ke ne ke se ke tlwaetse nako ya tjhankaneng kwana ya ho tsowa esale ka masa

Mma lerato : mara jwale okase duli oi tsosa hoseng ka lebaka leo, akere ose o tswile?

Tshepo : hape ke batla ho pota ho elwa moreso akalo mpontsha ha ntswaki, ke utlwile are o dula pela hahae kwana

Mma lerato : ntswaki?

Tshepo : ee, ke yena mme wa ngwanaka

Mma lerato : ohh? O nahana ke mobono o motle wa h**e olomo bona?

Tshepo : qetellong kentse ketlo kopana le yena leha nka hlapantsha yena, ebile ha ka utlwa fela h**e ke tswile empa haa tsebe ekaba ntho enngwe e kgolo hape

Mma lerato : o bolela jwang?

Tshepo : motho eo nna le yena retswa hole, le h**e ke tshwarwe tjena ke ka baka la hae le mme WA hae

Mma lerato : ka lebaka la bona?

Tshepo : Kea bona mme hasoo qoqele empa he eo pale haree bolokele tsatsi le leng hoba haanajwale ke batla ho sebetsana le ho mo fumana leho fumana le mosebetsi

Mma lerato : Kea bona, Hana o ne o kwalletswe lemo tse kae?

Tshepo : ke bona e kaka metsi a hao Aya bela mane

Mma lerato : ohh Kea leboha, nese Kea lebetse

23/03/2025

Le haele Sunday ra ngola......butle ke tswele Pele

21/03/2025

04
Mahlomola o leba haabo ka mora h**e a fumane mohala hotswa ho mme wa hae mabapi le tshepo, eitse haa kena jareteng haabo a fumana tshepo a eme ka ntle mme a tsuba

Tshepo : hloks kwena motho eo? Oko bone oso hodile hakakang?

Mahlomola :ke nnete h**e o tswile?

Tshepo : ka mohau wa modimo, ema hanyane. O seke wa mpolella h**e le wena ha o ya thaba h**e ke tswile sebakeng Sela sa dihele

Mahlomola : otswile jwang hoba ene ele " life sentence"?

Tshepo :maitshwaro hloks maitshwaro, ntho ya hoi tshwara hantle hae sebetse sekolong fela

Mahlomola : o kae mme?

Tshepo : o teng ka tlung

Mahlomola a fetela ka tlung mme a fumana mme WA hae le ausi ma lerato

Mahlomola : ka lapeng

Mma tshepo : o mmone motho eke buwang ka yena?

Mahlomola :mme ke Tshepo motho oo, mohlomong haosa mo hopola ka lebaka la ho hola, ke yena

Mma tshepo : ao ngwanaka? Okomo bitse mma lerato

Mma lerato a tswa holo bitsa Tshepo

Mahlomola : wena ontse oya jwang mme?

Mma Tshepo : ke makaditswe ke taba yena ya h**e hakesa tseba ngwana Waka wa matsibolo, kapa motho ose a etswa ke ho Hola?

Mma lerato a kena le yena

Tshepo :nfo ke utlwa ausi are Kea bitswa ka tlung ka mona

Mahlomola : eya ke mme ao bitsang

Mma Tshepo :mma lerato akomo tshelle motoho moo a nne a phoke nnake, otla ntshwarela nna ke se kele moholo ngwanaka hakesao hopola le hoo hopola

Tshepo : kgang ha eyo mme Kea utlwisisa

Mma tshepo : ee,kgarebe ela yahao e ne eo etela?

Tshepo : tjhe mme esale kemo qetela ka tsatsi leo ke neng ke fuwa sekwebo saka ka lona

Mma tshepo : tjhe haana botho, ka mora h**e wena o kene mathateng a ma ka ka baka la hae? Okoi thute ho shebana le taba tsa hao tshepo. Bona haanajwale o mokae, Bokamoso ba hao bo felletse tjhankaneng ka baka la ngwanana? Oko kgutle mokgweng ngwanaka

Mahlomola : ha qeta motho wa teng o tswetse Pele ka bophelo ebile ose a fumane le motho e mong a dulang le yena, ba dula pela haka kwana

Mma tshepo : utlwa fela, wena o hokae ka nako eo? Tjhankaneng ka baka la hae le mmae

Tshepo :jwale ngwana Waka ena okae?

Mahlomola : o dula le bona, mmae o Hanne ha mme are owa monka atlo dula le yena nakong eo ontse Ole tjhankaneng

Tshepo :ohh?

Mma tshepo : Hee o nkane ngwaneo, nna hake tsebe o ne oe fumana hokae kgarebe e nkane tjena, haokare a phehe mona ke mathatha

Mahlomola : mme ereng nna ke tsamayeng he hoba ke sile fela kesa bolela h**e keya kae

Mma tshepo : jwale ngwanaka hao tsamaye le ngwaneno o mpe olo mo robatsa ho wena mane hoba mma lerato o sebedisa kamore ya baeti eneng ele ya lona? Kapa mokhukhu oo o monyane?

Tshepo : seke wa kgathatseha ka marobalo mme ketla robala fatshe ka mona hofihlela kei phumana, ke se kele moholo ke lokela hoba le le hae laka

Mma tshepo : enwa Moreno haesale a nka masenke a hao hae mona ka mora h**e a tswe le mosadi, haesale are otla kgutlisa haase a rekile a hae, le kajeno lena. O ntse a tshwana le wena fela ka kgarebe eo a utlwanang le yona

Mahlomola : mme nna Nekesa tlela ditaba mona ere ke tsamaye

21/03/2025

03
Ke mantsibuwa mme Tieho o bua le abuti wa hae mahlomola

Tieho : mahlomola o qetetse neng holo bona mme?
Mahlomola : wa tseba lebaka le sa nkising hae keng akere?

Tieho : okase mpolelle h**e o ntse o kwatetse mme ka ntho nyana eo

Mahlomola : ho wena ekaba ntho nyana empa honna hae jwalo, akere wena wa hao mosadi oa ratuwa hae empa Waka hothwe ke moloi ebile o wa kula

Tieho : empa seo se ka se etse o kwatele mme mahlomola

Mahlomola : otla mo buella hoba esale akere wena O le thatohatsi ya hae

Tieho : watseba ha se nnete seo akere? bona lebaka le nketsang h**e ke batle oye hae okolo Sheba ho etsahalang ke h**e mme o nfounetse are hona le motho a jareteng a reng ke tshepo ho mme

Mahlomola : tshepo? Akere tshepo o tjhankaneng? Kapa le buwa ka tshepo o Feng jwale?

Tieho : ke lona lebaka le nketsang keo kope hoba mme o bonahetse asa bolokeha founung hane ke buwa le yena

Mahlomola : ausi ma lerato o na le kae hanthe?

Tieho : ekaka o ne a lo lata ngwana sekolong

Mahlomola : Tshepo o tswile? Empa ke nahana h**e tlameile ebe ese e tsebahala

Tieho : ke ne ke itse ausi ma lerato a nkukele di nepe empa ho bonahala maponesa a monkile hape, ekaka ba ilo batlisisa hantle. Jwale nna hakesa mo hopola ha ntle ka Mahlong, jwale ke tshepa h**e wena o ka thusa moo

Mahlomola : ke tla bona Tieho hoba le nna ke motho a maphathephathe matsatsing ana

Tieho : otla mpolella he haose otswa teng

Mahlomola a Sala a ipotsa dipotso tse se nang di karabo, mosadi wa hae a kena

Naledi : dumela

Mahlomola ho bonahala a ntse a hananne seo a qetang ho se utlwa

Naledi : ke yao dumedisa abuti!!!!

Mahlomola : ohh hakea utlwa watseba, kei nahanetse tsaka, tshwarelo

Naledi : jwalo ka mehla

Mahlomola : o bolela jwang?

Naledi : matsatsing a na ka mora h**e o fumane mosebetsi haosa tshwareha, le tumediso tsa rona hao di nkelle hloohong, maobane ngwana o buile ka leeto la sekolo empa haokaba wa mo araba ho fihlela nna keo botsa, hoetsahalang mahlomola?

Mahlomola : re kanna ra hloka bodulo neng kapa neng

Naledi : o bolela jwang?

Mahlomola a ema mme atswa ka monyako holo ema ka ntle ha maponesa a kgutlisa Tshepo hae mme a se a kutile

" KO KO?"

Mma lerato :ke mang?

Mma tshepo : ke motho ya ne wa motsheare
A ema a nka senotlolo mme a emella morao

Mma tshepo : o batlang?ketlo bolella Bana baka haontse o tswela Pele otla mona, keo bolelletse h**e nna Waka ngwana o tjhankaneng

" ke maponesa nkgono bula"

Mma tshepo : oh, bula mma lerato

Mma lerato a bula monyako mme maponesa a kena le yena tshepo ka tlung

" dumelang hape ka tlung, nkgono ke nnete tshepo o lokollotswe"

Mma tshepo : tshepo Waka?

" eya nkgono"

Mma tshepo :nna ngwana Waka lekgotla le itse le mokwalla bophelo ba hae ka ofela, o mmamele hantle ngwanaka, lebakabaka le etsang re seke ramo etela ke h**e hare batle homo utlwisa bohloko ka h**e a nne a re bone yena a sa tlotswa, re bone hole Molemo a seke a re bona

" ke ya utlwa nkgono, empa ho latela ka boitshwaro ba hae ba ile ba qetella ba montsha ka parola, tsatsi le leng le le leng ba tlo dula batla mona batlomo Sheba hoseng le mantsibua"

Mma Tshepo : butle ke founele moraka ke mo bolelle ka sena se etsahalang

20/03/2025

02

Nkgono ho bonahala a tshaba ho atomela pela monyako

" nkgono o bolokehile h**e o ka bula, akere o re letseditse?"

Mma lerato a kena hekeng a potlakile ka mora h**e a fumane maponesa a emisitse koloi ka ntle mme ho se ho ntse ho na le batho ka ntle

Mma lerato : dumelang hoetsahalang?nkgono

Mma Tshepo : mma lerato motho ke eo moo ore ke ngwana Waka.....nna ngwanaka o tshwerwe, are ke Tshepo wena

Mma lerato : o Feng? Bula otlo mpontsha yena nkgono

" ke mme WA Hao?" ho botsa e mong wa maponesa

Mma lerato : aa ke mpa fela kemo hlokometse, bana ba hae haba sebetse mona, jwale ba nkopile h**e ke ba salle le nkgono

Tshepo : ausi Waka nkgono ke mme Waka, ke lokolotswe tsatsing lena, kere ketla hae hanthe mme haasa ntseba

Maponesa a be a sentse a mo atomela
" ontsoi mametse na o ntse o reng? O teng mme aka lebalang ngwana wa hae?"

E mong a mo botsa

"o ne o kwalletswe ho Kae? Nako e kae?"

" Pampiri e kae e bao fileng yona haone otswa?"

Tshepo a dintsha

" le wena monna o nahana h**e mme wa hao akao hopola o beile sehlotho se se ka sa moriri le ditelu di kwaetse sefahleho? Hobaneng osa kuta ntho Tse haone o tswa? Keng o batla rona reo kute? "

Tshepo : ne ke tshepile h**e ketla kuta ha ke fihla hae hoba Keile ka siya motjhini Waka hae mona le dintho tsaka ka leshatareng le neng le dula mona

Otjho jwalo a dupisa maponesa

Tshepo : Kea dumela ha mme ase asa nhopole hoba hae mona hone ho sena motho a neng atla atlo mpona hane ke tshwerwe, kere le Bana ba heso, esale ba nqetela nakong e neng ke tshwarwa ka yona, lemo tse 14 tse fitileng

" o ne o tshwaretsweng?"

Tshepo : polao

Setjhaba sa mosheba

Tshepo :e ne ese ntho ekee nahanneng hoe etsa, e Ile ya ba ntho ei ketsahallang fela

" Ausi ere ke renke motho enwa reye moo a neng a kweba teng relo utlwa, wena o ya mo tseba?"

Mma lerato :tjhee ha ke batle ho qala maka empa nkgono ke motho a kileng a buwa ka yena nako le nako

" ere re tsamaye le yena retla kgutla le yena haebe a buwa nnete. Retlamo kgutlisa a kutile "

Mma lerato a kena ka tlung a dula fatshe le nkgono mme a nka founu ya nkgono a founa

Tieho :mme?

Mma lerato : ke nna mma lerato

Tieho : o kae mme? O hantle?

Mma lerato : eya o hantle, abuti wa lona o tswile tronkong

Tieho : mang Tshepo e mme a tlwaetseng ho buwa ka yena?

Mma lerato : eya, o ntse omo hopola Mahlong?

Tieho :motho eo o kwalletswe kesale monyane, motho akamo hopolang ke mahlomola, ere kere ketla buwa le yena...o hokae nou?

Mma lerato :maponesa a mo nkile Baile moo a neng a tshwerwe holo etsa bo nnete

Tieho : nkukele senepe sa hae o nromelle sona ke tsebe ho sefa mahlomola, kapa ere kere ketlare batle hoba ke yena motho a haufi

Mma lerato : ebe o tlatla tje?

Tieho : ketla leka ho buwa le yena

Address

Bethlehem
9701

Alerts

Be the first to know and let us send you an email when Mpoka Molefi Daniel posts news and promotions. Your email address will not be used for any other purpose, and you can unsubscribe at any time.

Contact The Business

Send a message to Mpoka Molefi Daniel:

Share

Category