Lesotho Sky News

Lesotho Sky News π—Ÿπ—’π—–π—”π—Ÿ 𝗔𝗑𝗗 π—œπ—‘π—§π—˜π—₯π—‘π—”π—§π—œπ—’π—‘π—”π—Ÿ π—‘π—˜π—ͺ𝗦

𝗔 π— π—”π—‘π—š 𝗔 π— π—”π—•π—”π—žπ—” 𝗔 π—˜π—§π—¦π—”π—‘π—š 𝗕𝗔𝗦𝗒𝗧𝗛𝗒 𝗕𝗔 π—£π—”π—Ÿπ—”π— π—˜ π—Ÿπ—œ 𝗖𝗔𝗧𝗖𝗛 π—₯π—œπ——π—˜π—₯.
12/09/2026

𝗔 π— π—”π—‘π—š 𝗔 π— π—”π—•π—”π—žπ—” 𝗔 π—˜π—§π—¦π—”π—‘π—š 𝗕𝗔𝗦𝗒𝗧𝗛𝗒 𝗕𝗔 π—£π—”π—Ÿπ—”π— π—˜ π—Ÿπ—œ 𝗖𝗔𝗧𝗖𝗛 π—₯π—œπ——π—˜π—₯.

12/09/2026

Monna oa Roma o hlasitse Khubetsoana o batla li ntho tsa hae ho monna emong, o re ena tsa mmuso oa kopanelo haa li kene.

O ETSA BOTLOKOTSEBE A TSEBA HO TLOHA PELA MOSALI OA HAE.Lawrence John Ripple o kene bankeng Kansas, USA, a fa motho ea s...
11/09/2026

O ETSA BOTLOKOTSEBE A TSEBA HO TLOHA PELA MOSALI OA HAE.

Lawrence John Ripple o kene bankeng Kansas, USA, a fa motho ea sebetsang bankeng lengolo le reng o na le sethunya. Tleleke e mo file chelete e kalo ka $2,924.

Ho e-na le h**e a balehe ha qeta ho fuoa chelete, o ile a lula bankeng moo a emela mapolesa h**e a tle a mo tΕ‘oara.

Ripple o ile a bolella bafuputsi h**e o qabane le mosali oa hae, ’me a bona ho le molemo h**e a ee teronkong ho e-na le ho khutlela hae.

Morero oa hae ha oa ka oa tsamaea kamoo a neng a lebelletse kateng. Lekhotla le ile la mo ahlolela likhoeli tse 6 tsa ho koalloa lapeng, ho e-na le ho mo isa teronkong.

Ka mantsoe a mang, monna ea utsoitseng bankeng h**e a balehe mosali oa hae, o ile a qetella a laetsoe ke lekhotla h**e a lule hae!

U ka etsa joang ule monna eo? U nahana bane ba qabanetse?

BA SETSE BA LLELA NKHONO ATHE O NTSE A PHELA TLASA SERETSE.Nakong ea likhohola tse matla tsa Nepal ka Phato, Chandika Ku...
11/09/2026

BA SETSE BA LLELA NKHONO ATHE O NTSE A PHELA TLASA SERETSE.

Nakong ea likhohola tse matla tsa Nepal ka Phato, Chandika Kumari Shrestha ea lilemo li 64 o fumanoa a ntse a phela ka har’a mesalla ae ntlo ea hae e mekato e mene e ileng ea oa Betrawati, Nuwakot.

Shrestha o ne a nyametse ho tloha ka la 26 Phato, ha likhohola li hlasela sebaka sa noka ea Bhotekoshi. Lelapa la hae le ne le se le lumetse h**e o hlokahalletse ketsahalong eo, ’me ba qala matsatsi a 11 a ho siama ho latela moetlo oa batho ba Nepal.

Empa ka la 5 Loetse, bapholosi ba neng ba feta sebakeng seo se sentsoeng ba ile ba utloa lentsoe le fokolang la motho ea kopang thuso le tsoa ka tlas’a seretse le lithako.

Ntlo e ne e batla e koahetsoe ka ho feletseng ke seretse le lithole tsa likhohola. Bapholosi ba ile ba qala ho tlosa lithako ka matsoho, ’me qetellong ba fihla ho Shrestha, ea neng a ipatile sebakeng se senyane se neng se ntse se e-na le moea bakeng sa ho phefumoloha.

Ts'ebetso ea ho mo pholosa e nkile metsotso e ka bang 40–45, pele a isoa sepetlele bakeng sa kalafo ea tΕ‘ohanyetso. Hamorao o ile a isoa sebakeng se seng ka helikopthara.

Lelapa la hae le ne le se le qalile ho mo llela, athe eena o ne a ntse a phela ka tlas’a lithako.

MOKHACHANE O KHANGOA LE HO CHESETSOA LEFU HOBANE A HANA HO QHALA KEMARO KE MOHLANKANA MOHALESHOEK.Ka la 6 Phato, ho ile ...
11/09/2026

MOKHACHANE O KHANGOA LE HO CHESETSOA LEFU HOBANE A HANA HO QHALA KEMARO KE MOHLANKANA MOHALESHOEK.

Ka la 6 Phato, ho ile ha tlalehoa ka mosali ea lilemo li 32 ea ileng a chesoa ka tlung Motse-Mocha, Mohale’s Hoek.

Ho tlalehoa h**e mohlankana oa hae o ile a lumela h**e o ile a mo khama nakong ea qabang, ’me ha a hlokomela h**e o se a hlokahetse, a chesa ntlo ka sepheo sa ho pata bopaki.

Qabang e ne e bakiloe ke taba ea kemaro, moo mohlankana a neng a batla h**e kharebe ea hae e ntΕ‘e mpa, empa eena a hana, a re o tla holisa ngoana eo a le mong.

Mofu Nozipho Pokola, eo e neng e le moimana. O tla bolokoa ka Moqebelo habo Phamong.

Moea oa hae o phomole ka khotso mohaung oa Molimo

O ETSA MENO A LIBOLU HO LELEKA BANNAMy Linh, setsebi sa SFX makeup sa Vietnam, (SFX makeup ke litlolo tse sebelisoang ho...
11/09/2026

O ETSA MENO A LIBOLU HO LELEKA BANNA

My Linh, setsebi sa SFX makeup sa Vietnam, (SFX makeup ke litlolo tse sebelisoang ho etsa h**e motho a shebahale joaloka o lemetseng, o tsofetse, o na le maqeba, meno a bolileng, kapa liphetoho tse ling tse tΕ‘osang haholo lifiliming le lipapaling), o ile a iketsetsa meno a maiketsetso a shebahalang a bolile ’me a a roala ha a ea monateng oa bosiu.

Ho tlalehoa h**e banna ba neng ba mo atamela ba ile ba ikhula hang-hang.

UTLOA LITABA TSE HLAHETSENG KANANELO BOLOETSIKananelo Boloetse, moloaneli oa litokelo tsa botho ebile e le mohlophisi oa...
11/09/2026

UTLOA LITABA TSE HLAHETSENG KANANELO BOLOETSI

Kananelo Boloetse, moloaneli oa litokelo tsa botho ebile e le mohlophisi oa Newsday, o ile a ea Maseru Central Charge Office ’me a fana ka statemente mabapi le ho koeteloa ha hae.

Batho ba ileng ba mo fumana le ho mo pholosa le bona ho tlalehoa ba ile ba fana ka tlaleho le lifoto ho mapolesa, ele bopaki.

Ho thoe Boloetse o ne a tΕ‘ohetse bophelo le polokeho ea hae.

Ho latela tlaleho, mapolesa a ile a mo isa Katlehong, sebakeng seo ho thoeng o ne a koetetsoe ho sona, ’me a mo siea moo.

Ho boleloa h**e o ile a fihla moo ka koloi ea mapolesa a felehelitsoe ke mapolesa a mane.

Taba e hlahisang lipotso ke h**e mapolesa a ne a phatlalalitse h**e a ntse a batla Boloetse, athe ho latela tlaleho ena o ne a se a ile sepoleseng ’me a bontΕ‘itse h**e o tΕ‘aba polokeho ea hae.

Potso e kholo ke h**e: Na ke hobane’ng ha a ile a khutlisetsoa sebakeng seo ho thoeng o ile a koeteloa ho sona, ho e-na le h**e a fuoekapa a isie sebakeng sa tΕ‘ireletso?

MORUTI O PHINYETSA HOLIMA LIHLOOHO TSA PHUTHEHO, ELE HO BA FOLISA.Moruti Christ Penelope oa Limpopo, Afrika Boroa, o kil...
11/09/2026

MORUTI O PHINYETSA HOLIMA LIHLOOHO TSA PHUTHEHO, ELE HO BA FOLISA.

Moruti Christ Penelope oa Limpopo, Afrika Boroa, o kile a tsebahala ka mekhoa e makatsang ea seo a neng a re ke pholiso. Ho tlalehoa h**e o ne a lula holim’a lihlooho tsa balumeli ebe o ntΕ‘a khase haufi le lifahleho tsa bona, a re Moea o Halalelang o kena ’meleng ka nko.

Penelope o boetse o kile a amahanngoa le ho sebelisa mafora a likhohlopo ( lubricant) ho balumeli are o bafa tlolo ka oli ea moea o halalelang.

Mekhoa ena e ile ea tsosa maikutlo a mangata sechabeng le lipotsong mabapi le tumelo le pholiso.

𝗕𝗔𝗦𝗒𝗧𝗛𝗒 𝗕𝗔 π—–π—›π—˜π—Ÿπ—Ÿπ—’π—” π—žπ—˜ π—§π—›π—˜π—£π—” π— π—˜π—–π—¨π—–π—¨π—‘π—š 𝗔𝗙π—₯π—œπ—žπ—” 𝗕𝗒π—₯𝗒𝗔Moemeli oa Lesotho KwaZulu-Natal,Eastern Cape le Western Cape, Afrika B...
11/09/2026

𝗕𝗔𝗦𝗒𝗧𝗛𝗒 𝗕𝗔 π—–π—›π—˜π—Ÿπ—Ÿπ—’π—” π—žπ—˜ π—§π—›π—˜π—£π—” π— π—˜π—–π—¨π—–π—¨π—‘π—š 𝗔𝗙π—₯π—œπ—žπ—” 𝗕𝗒π—₯𝗒𝗔

Moemeli oa Lesotho KwaZulu-Natal,Eastern Cape le Western Cape, Afrika Borwa, monghali Rapelang Thuoela, o re ofisi ea habo, e se e entse tlaleho ho ba ikarabellang ka hara naha ea lesotho, ho batlela Basotho ba balloang ho 27 thuso, ka mora ho chelloa ke mecucu eo ba lulang ho eona le tsohle, Nkqubela Robertson Afrika Boroa, ka la pele khoeling e holimo.

Puisanong le sesiu sa litaba kajeno, monghali Thuoela o itse, tlaleho e fihlileng ofising ea habo, ke h**e letsatsi pele ho la ketsahalo, motlakase o ne o ile oa khaoha, 'me pelaelo ke h**e ho bile le ba bang ba ba neng ba siile thepa ea motlakase e sa tingoa, e leng se bakileng mollo.

O re mollo ona o tlalehoa o qhomme hoseng ka bo hora ea 9 ha bohle ba le mosebetsing, hoo le libukana tsa bona tsa ho eta li cheletseng hona ketsahalong eo.

Lekope FM

MONNA EA NENG A BOLAE BANA( 14) KA SCHOOL BUS O FUOA BEILI EA 3k ’MΓ¨ ea ileng a lahleheloa ke mora oa hae ea lilemo li s...
11/09/2026

MONNA EA NENG A BOLAE BANA( 14) KA SCHOOL BUS O FUOA BEILI EA 3k

’MΓ¨ ea ileng a lahleheloa ke mora oa hae ea lilemo li supileng (7) kotsing ea lipalangoang tsa bana ba sekolo ( school bus) Vaal, o ile a sitoa ho ithiba ha Ayanda Dludla, eo eneng ele mokhanni oa bana ba sekolo, a fuoa bail ea M3,000.00.

Retla hopola h**e monna enoa o ne a khanna ka lebelo le holimo a nkile bana ba sekolo, a bile a batla ho feta likoloi tse ling ( o ne a overtake koloi tse ling). Moo a overtakang o ile a khahlana le teraka ea tipara. Koloi ea soahlama le bana ba lemala hampe, ka masoabi a maholo hoa hlokahala bana ba 14.

Mosali eleng motsoali oa emong oa bana o re o tobane le bohloko ba ho tseba h**e a ka ’na a tlameha ho tehana le enoa khafetsa motseng moo kaha bobeli ba lulang sebakeng se ts'oanang.

Ho fuoa ha Dludla bail ho tsositse maikutlo a bohloko ho malapa a lahlehetsoeng ke bana kotsing ena, ha nyeoe e ntse e tsoela pele.

Kena lieteng tsa motsoali eo le tsa batsoali ba bang beo bana ba bona ba neng ba amehile kotsing ena eo ekabeng esa etsahala hoja mokhanni o ile a ba le mamello mmileng.

Address

40 Ryk Tulbach Street, Bayswater
Bloemfontein
9301

Website

Alerts

Be the first to know and let us send you an email when Lesotho Sky News posts news and promotions. Your email address will not be used for any other purpose, and you can unsubscribe at any time.

Contact The Business

Send a message to Lesotho Sky News:

Shortcuts

Share