01/04/2026
Greetings Baahi... Feedback ya ditsha.
Ke qale ka ho leboha batho bohle ba kgonneng ho finyella dokopano tse amanang le ditsha ho tloha qalong. Boteng ba lona ke ntho e kgolo, ke tokelo ya hao ho tseba, h**e o be karolo ya diqeto.
Ena ene ele kopano ya ho qetela e bitswang ke Leoma Mphuthi mabapi le dintsha, ho fumana thlakisetso.
Report..
Jwalo ka moahi a ngodisitseng setsha ka 2024, ke la ngolla masepala mangolo mabapi le taba ena ya ditsha, ele diqeto tsa kopano tsa baahi ka hara motse. Re kopane le masepala, ra hlakisestwa h**e 28 March 2026, processes di tlabe di fedile mabapi le ditsha.
01 April 2026
Kopano ebile teng ha masepala ka lekeishining (Human Settlement Offices). Sepheho sa kopano;
1. Ho fumana thlakisetso (clarity) mabapi le ditsha tsa Aberdeen Farm
2. Lenane la batho ba ngodisitseng 2024 ha masepala (number of registered applicants)
3. Baipehi ba di sticker
4. Ditsha tsa basebetsi ba masepala ba fumaneng ditsha le ditshebeletso empa ba baipehi bona ba ntse ba emetse process
5. Nako ya ho aba ditsha le ho beha baipehi hantle (exact date of site allocation and formalization of informal settlements)
Dikaro hotswa ha masepala:
1. Ditsha tsa Aberdeen Farm masepala o ntse a emetse ho utlwa hotswa ho DESTEA mabapi le ROD h**e ba e tekena neng (sign)
2. Lenane la batho ba ngodisitseng (registered applicants) ha masepala ka 2024, masepala ha re bolella lona.
3. Baipehi ba di sticker ke project eo masepala a ntse a leka ho e sebetsa.
4. Basebetsi ba masepala taba ya bona ke personal matter, motho ya batlang hotseba ka taba o tlameha ho kopana le Municipal Manager (MM)
5. Nako ya ho aba ditsha masepala o tlameha ho kgutlela morao a fumana h**e seka ha nako ya di processes e fetile ho tlo sebetseha jwang mabapi le taba ya ditsha.
Manager ya Human Settlement e boletse h**e masepala ha sebetse ha jwale, office di kwetswe. Jwale hare tsebe batlo sebetsa neng.
Ke eo feedback
Thank you!!!
Leoma Mphuthi
Concerned Community Member