02/07/2022
••SECHABA SA MATELILE SE OTLILE MOPOLOTIKI KA BOLO⚽••
02-07-2022
Ebile semaka ha sechaba sa Matelile libakeng tse fapakaneng hase hlasela mopolotiki moo aneng a hasa mohoo oa hae ale hona teng lets'ehareng la kajeno,
Eka mopolotiki one ale sebakeng sa Hampalipali lebaleng la bolo, haa fihla a hloma liletsa tsa hae mme a letsa le bo mphato ba hae, ke mona moo metse e mabapi le Hampalipali e ileng ea kekela,
Sechaba sa nyolosa Kholokoe, Letaeng, Ts'upane, Mmaliepetsane, Hakubutu, Hamatjeka, Likhotoleng, Hants'ibane, Thabang, Thaba Chitja, Khori, Malealea, Sebelekoane, Hamosala le Lekhalong.
Batho ba metse eeo keha ba futuha kamora ho utloa mopolotiki eeo a hooa lepetjo la mokha oa habo are ""🗣️📢📣A oele maliboho, Tokoloho ea motsamao""
Mme ho fihleng ha bona hoile ha senyeha, baba lelekisa bapolotiki bao baba tlatsatlatsa le lebala la bolo, Mme ba ba laela h**e kaho panya ha nts'i babe ba phuthile sohle,
Mme bapolotiki bao baile ba phutha thepa ea bona empa ba lieha, ke mona moo libapali tsa bolo tsa Hampalipali li ileng tsa bapala fela bapolotiki ntse bale teng,
Ke mona moo bolo e ileng ea otla Moetapele oa mokha oo, Mme Morena Sebili oa Hampalipali o hlalositse a ts'oetse taba ena e entsoeng ke sechaba sa hae ka sehlethela sa mathe,
Morena Bulane ontse a kentse nko mobung ho utulla h**e na mokha ona o bitsoa mang le h**e monga ona ke mang,
Lefokisa la morena Bulane le Matelile le pakile taba ena h**e ehlile o bone ka mahlo ha tsena li etsahala le hoja asa atleha ho bona lebitso la mokha
Mabitso a hae ke Morentsoeng Lesira.
Bapatsa le Rona ka tjeo tse tlase