Lesotho Current Affairs

Lesotho Current Affairs Local and International News

KOTSI EA KOLOI, MAPUTSOE; MOQHUBI E MONG O TSOA MALI KA BONGATA A SA KHAOTSEHa satsoa etsahala kotsi ea koloi moo ho ame...
10/09/2026

KOTSI EA KOLOI, MAPUTSOE; MOQHUBI E MONG O TSOA MALI KA BONGATA A SA KHAOTSE

Ha satsoa etsahala kotsi ea koloi moo ho amehileng koloi tse tharo Temong, Maputsoe haufi le Korosong.

Ho amehile koloi ea moetso oa Golf 6 GTI, Honda Fit le Mini Bus o mosoeu. Ho utloahala ha Moqhubi oa Golf 6 GTI a lemetse hoo mali a tsoang ka bongata a sa khaotse. Ha Mini Bus o ile oa kheloha tsela oa kena ts'imong e haufi le tsela. Baqhubi ba eletsoa ho ela hloko kotsi ena, le ho qhoba ka kelo hloko.
---------------------------------------------------
Se ke oa fetoa ke chelete le uena. Becha lipapali tsohle le ho bapala casino ka sepheo sa ho eketsa lekeno la chelete bophelong ba hau ho Bet267 Lesotho. E ngolisitsoe ka molao.Ngolisa mona pele https://b267.link/ca. Eba Mohloli le uena.
-----------------------------------------------------

NYEOE EA SHEBESHXT E CHECHISELITSOE SELEMONG SE TLANG KA MOTS'EANONG Sebini sa mmino oa Lekompo sa naha ea Afrika Boroa ...
10/09/2026

NYEOE EA SHEBESHXT E CHECHISELITSOE SELEMONG SE TLANG KA MOTS'EANONG

Sebini sa mmino oa Lekompo sa naha ea Afrika Boroa e leng Lehlohonolo Chauke ea tummeng ka lebitso la Shebe Mabena kapa Shebeshxt se hlahile kapele ho Lekhotla la Polokwane Regional Court, Limpopo kajeno.

Shebe Mabena esale a qhautsoa ke Sepolesa mafelo a Ngoahola, 'me esale a phela mafifi-mats'o ho tloha ka nako eo ho fihlela kajeno. Likopo tsa hae tsa ho lokolloa ka beile esale li ntse li tjebeloa matjoing. Shebe Mabena o qosoa ka liqoso tse mashome a mabeli a metso e mmeli, tse 'ne tsa tsona ke teko ea polao.
---------------------------------------------------------------------
Natefeloa ke Khoeli ea Loetse ka ho bapala casino le ho becha lipapali tsohle ho Bet267 Lesotho. U etsa tsena tsohle ka sepheo sa ho eketsa lekeno la chelete bophelong ba hau. E ngolisitsoe ka molao. Ngolisa mona https://b267.link/ca. Eba Mohloli.
--------------------------------------------------------------------
Hara tse ling o qosoa ka ho khakhatha le ho lematsa Motho, ho ruha sethunya ka thoko ho molao, ts'enyo ea thepa le ho qhoba ka tsela e sa nepahalang. Lekhotla le bonts'itse ha le na le lipaki tse 22 tse tlang ho paka khahlanong le Shebe Mabena, 'me lipaki tse ling hara tsena tse 22 ke mahlasipa a Shebeshxt. Shebeshxt o se a tla hlaha kapele ho Lekhotla ka la 17 Mots'eanong Isao.

Monna enoa o lahlehetsoe ke chelete e ngata haholo nakong ena eo a ts'oeroeng. Kannete ha rena mantsoe a mats'eliso ntle le h**e Shebeshxt o ikentse Ts'otso linaleng. Lena ke lesheleshele leo a iphehletseng lona.

CELE O TEKENA LE MAMELODI SUNDOWNS Sebapali sa bohareng ba lebala, Thabo Cele, se tekenne le Mamelodi Sundowns ka molao ...
10/09/2026

CELE O TEKENA LE MAMELODI SUNDOWNS

Sebapali sa bohareng ba lebala, Thabo Cele, se tekenne le Mamelodi Sundowns ka molao kamora ho arohana le Kaizer Chiefs.

Cele, ea lilemo li 29, o qetile likhoeli tse 18 a le Naturena, moo a ileng a bapalla Amakhosi lipapali tse 36 litlholisanong tse fapaneng tse kang, CAF Confederation Cup of Nations le tse ling tsa Afrika Boroa. O bile le seabo sa bohlokoa ho thuseng Kaizer Chiefs ho hapa Nedbank Cup ka Motšeanong 2025, e leng mohope oa pele oo sehlopha se ileng sa o hapa kamora nako e telele.

Sebapali sena se ne se se se sa ikoetlise le sehlopha sa Kaizer Chiefs ho tloha ha mokoetlisi Fernando Da Cruz a fihla, kaha ho ne ho tlalehoa h**e Cele o ne a se mererong ea hae.

Ho Sundowns, Cele o tla boela a kopana le sebapali sa bohareng Teboho Mokoena, eo ba kileng ba bapala hammoho sehlopheng sa naha sa Afrika Boroa sa Under-23.

Cele joale o se a qalile khaolo e ncha mosebetsing oa hae le Masandawana, moo a tla sheba ho ipaka le ho kenya letsoho katlehong ea sehlopha litlholisanong tsa lapeng le tsa kontinenteng.

10/09/2026

Ha ho tsebahale h**e na Kananelo Boloetse o hokae, ka hona, Sepolesa se hloleha ho fuputsa nyeoe ea hae.

RAMOREBOLI O KHUTLELA HO BAFANA-BAFANA — LEKHETLONG LENA A LE TLASA MOSIMANE Mokhatlo o laolang papali ea bolo ea maoto ...
10/09/2026

RAMOREBOLI O KHUTLELA HO BAFANA-BAFANA — LEKHETLONG LENA A LE TLASA MOSIMANE

Mokhatlo o laolang papali ea bolo ea maoto Afrika-Boroa, e leng South African Football Association (SAFA) o netefalitse ha moketlisi Morena Ramoreboli e le mokoetlisi oa sehlopha sa Bafana-Bafana moo a tla sebelitsa e le motlatsi oa mokoetlisi Pitso Mosimane.

Mokoetlisi Ramoreboli o tla sehlopheng sa Afrika-Boroa tjena kamora ho sebetsa hantle haholo sehlopheng sa naha ea Botswana joalokaha a ile a se thusa ho phunyeletsa bakeng sa tlholisano ea AFCON lekhetlo la pele esale ho tloha ka selemo sa 2012, e ne le ha fuoa marapo le boikarabello kamora h**e a tla sebetse ho tse ling tsa lihlopha naheng eo se bitsoang Jwaneng Galaxy.

Papali ea pele ea ho phunyeletsa bakeng sa lipapali tsa Africa Cup of Nations eo sehlopha sa Afrika-Boroa se tlo thulana le sona ke Guinea e tlo bapaloa ka la 26 khoeling ena ea Loetse e bapalloa Orlando Stadium, Soweto, Johannesburg.

10/09/2026

"Oa tseba Mokhotsi bekeng e tlang nkanna ka tsamaea "🥰🥰🥰

MAVHIKO O KHETHA SEHLOPHA SA LESOTHO, HA CONRAD A TŠOENYEHILE KA HO SE PHELE HANTLE HA RABADA Moketlisi oa sehlopha sa n...
09/09/2026

MAVHIKO O KHETHA SEHLOPHA SA LESOTHO, HA CONRAD A TŠOENYEHILE KA HO SE PHELE HANTLE HA RABADA

Moketlisi oa sehlopha sa naha sa cricket, Alexander Mavhiko o phatlalalitse sehlopha se tla emela Lesotho tlholisanong ea ICC MEN'S T20 World Cup/ Sub Regional Africa Qualifiers C e tla tšoareloa Albuha, Nigeria khoeling e tlang ea Mphalane ka la 18 ho isa la 26.

Re ntse re le ho tsa cricket, mokoetlisi oa the Proteas, Shukri Conrad o lunela ha bowler, Kagiso Rabada a tlo fola ka nako pele letoto la lipapali tsa teko khahlanong le naha ea Australia li thakhoha khoeling e tlang ea Mphalane.

Rabada ha kenyelletsoa sehlopheng sa se tlo bapala lipapali tsa ODI khahlanong le seo sa Australia hamorao khoeling ena ea Loetse ka lebaka la h**e ha maemong a matle h**e a ka bapala.

Moketlisi o re sebapali se ke se bohlokoa haholo ka hare ho sehlopha ebile ha joale botsamaisi ba sehlopha bo ntse bo le lipuisanong tseo e leng h**e ba e-ba le tsona khafetsa le tsa bongaka tseo ba ntse ba behile sebapali se leihlo ho sheba h**e e be o tla malala-a-laotsoe ka nako kapa che.

MOSEBELETSI OA MOHALE'S HOEK HIGH SCHOOL KE MOFUKajeno Sekolong se seholo sa Mohale's Hoek High School ho bile le Sehopo...
09/09/2026

MOSEBELETSI OA MOHALE'S HOEK HIGH SCHOOL KE MOFU

Kajeno Sekolong se seholo sa Mohale's Hoek High School ho bile le Sehopotso sa Mosebeletsi oa mehleng oa Sekolo se joalo.

Ts'okolo Jonas Mats'e ke ngoana oa bobeli oa bafu, ntate Manyokole le 'm'e Manyatso Matšela. O hlahile ka la16 Pherekhong 1964. A kena sekolo sa mathomo, Qobeta Primary School, a phethela sehlopha sa bosupa Likhoele Primary ka 1980. A etsa sehlopha sa leshome (J.C) Makena Vocational High School. A kena Mohale's Hoek High School a phethela sehlopha sa C.O.S.C teng. Ka 1986 a ba mokhahlolong oa pele oa ho etsa International Baccadaurate Machabeng High School.
-------------------------------------------------------------------
Natefeloa ke Khoeli ea Loetse ka ho bapala casino le ho becha lipapali tsohle Bet267 Lesotho. U etsa tsena tsohle ka sepheo sa ho eketsa lekeno la chelete bophelong ba hau. E ngolisitsoe ka molao. Ngolisa mona https://b267.link/ca. Eba Mohloli.
-----------------------------------------------------------------
Ka 1989 a ea sekolong sa seholo sa sechaba (NUL) 'me a phethela lithuto tsa mahlale (BSC) ka 1992. Ka 2011 a etsa lengolo la botichere UNISA, PGCE. A intšetsa pele hona UNISA 'me a phethela lengolo la http://B.Ed Honors ka 2014. Ka 1985 ea ba tichere ea nakoana http://St.Johns High School, Mafeteng. Ka 1992, a qala ho ruta lithuto tsa mahlale (Biology le Chemistry) Mohale's Hoek High School moo lefu le mokhaolelit-seng teng.

Ka 2005, a kopanngoa ka lenyalo le LijoThaisi, morali e moholo oa bafu ntate Lerole le 'm'e 'Malira Thaisi. Mofu o siea molekane, baena ba babeli le likheitšeli tse hlano.

ROBALA KA KHOTSO MOFOKENG!!!

SECHABA SE RE RAMAKHULA KE TS'EPO EA SONAMaobane Mahokela a tikoloho ea Matsieng a ile a etsa moketjana oa boithabiso ka...
09/09/2026

SECHABA SE RE RAMAKHULA KE TS'EPO EA SONA

Maobane Mahokela a tikoloho ea Matsieng a ile a etsa moketjana oa boithabiso ka sepheo sa ho keteka likatleho tsa bona. Tsena tsohle li etsahetse khoebong ea boinyakalatsong ea 1174 Legacy e Ha Ramabele, Matsieng.

Mahokela a metse e fapaneng ea sebaka sa Matsieng a itse a ke ke a supa likatleho tsa ona ntle le ho qolla Advocate Lebohang Ramakhula ka kotloloho. Ke nako e telele haholo Mahokela ana a tikoloho ea Matsieng a lla ka thepa e ka bebofatsang mosebetsi oa ona oa ho polesa. Hara thepa ena re ka qolla lirojaroja tse thusang ho fetisetsana melaetsa kapele.

Mora Ramakhula o ne a ile a thusana ka lirojaroja tse joalo ka mora h**e Mahokela a bonts'e ha ho sena moo sello sa Tsuonyana se hlomolang Phakoe teng. Mahokela a ne a ile a bonts'a h**e le Mokhethoa oa bona Mohlomphehi Makotoko Moshe o ile a re mosebetsi oa ho rekela Mahokela lirojaroja ke oa Mmuso e seng oa hae e le Mokhethoa. Mahokela a ile a qhautsa Litloli tsa molao tse mmaloa ka ts'ebeliso ea lirojaroja tseo ba li abetsoeng ke Ramakhula.

Advocate Ramakhula o boetse a nka karolo lipapaling tsa bochaba tsa likolo tsa tikoloho ea Matsieng tse neng li le St Mathews. O ile a tlaleheloa ke Mosuoe Hlooho oa Sekolo se joalo h**e Sekolo se ea petsoha, 'me ba kopa tlatsetso ka li samente h**e ba lape meaho e joalo. Ramakhula ka lerato lohle la thuto leo a nang le lona o ile a phallela Sekolo se joalo ka li samente le ts'episo ea pente.

09/09/2026

Mamela Mohlomphehi Machesetsa Mofomobe ka Kananelo Boloetse

Address

LadyBrand
Ladybrand

Website

Alerts

Be the first to know and let us send you an email when Lesotho Current Affairs posts news and promotions. Your email address will not be used for any other purpose, and you can unsubscribe at any time.

Shortcuts

Share

Category