The Truth Ls

The Truth Ls Re u fa litaba tsa 'nete ebile re sebelisa puo ea Sesotho feela.

[MOLIKO OA BACHA BA LESOTHO ]
LESOTHO FIRST/BACHA BA BASOTHO FIRST (NON PROFIT MAKING PAGE)
Entertainment ( Music Videos)
Art
BRING BACK OUR STOLEN LAND
(ANTI SOUTH AFRICA, & RWANDA )

SANNERE LE PHOKA EA BOROA BA QOSOA KA HO KHAKHATHA THABANG KA MABETLELATse hlahellang hotsoa lipampiring tsa lekhotla li...
10/12/2025

SANNERE LE PHOKA EA BOROA BA QOSOA KA HO KHAKHATHA THABANG KA MABETLELA
Tse hlahellang hotsoa lipampiring tsa lekhotla li supa ha ka la 9 Khoeling ea ho feta Thabang a ile a bona bobeli bona bo khakhatha motsoalle oa hae ea bitsoang Thamae.
Thabang o hlalosa ha a ile a leka ho kena lipakeng ho namola empa Sannere a re Lai koloing ea hae a tla a se a ts'oere lebetlela leo a ileng a setla Thabang ka lona makhetlo khetlo hammoho le Phoka ea boroa.
Monna enoa o batlile mats'eliso a 1 500 000.

BANA BA MALOME VECTOR
04/12/2025

BANA BA MALOME VECTOR

BA TS'OSA TJEKA TJEKA KA LEFU Hara tse ling o tsekisoa ho khalemella sesole sa Lesotho ho khakhatha banna ba motse oa Pi...
29/11/2025

BA TS'OSA TJEKA TJEKA KA LEFU
Hara tse ling o tsekisoa ho khalemella sesole sa Lesotho ho khakhatha banna ba motse oa Pitseng ka le reng ba tlohelletse litloli tsa molao ho etsa borata ka hare ho motse.
Tjekane o bile a manolla mosebetsi oa sesole eleng ho ts'ireletsa naha le mosebetsi oa Sepolesa eleng ho felisa litlolo tsa molao. (Litsi tsena lile peli ha lia lokela ho hatikela litokelo tsa mantlha tsa botho).
Leha hole joalo ho na le karolo engoe ea sechaba e lumelang h**e sesole se nepile kaho inkela molao matsohong kaho khakhata banna bohle ba motse.
Ho Basotho ba bang ebile ketso e sehloho e lihlong kaha le bo Ntate ba seng ba holile ba pitikisitsoe seretseng kamora ho khakhathoa ke sesole.

MOLIMO A BOLOKE LESOTHO, LE BASOTHO.

27/11/2025

BANNA BA PITSENG BA SHAPUOENG KE MASOLE BA BINTS'OA MAKHELE
Eka mosole a ile a fihla a se a jele masooko a shapa bohle ba batona ka le reng ba sitoa ho thibela litlolo tsa molao ka hare ho motse.
Mehloli e supa ha ba shapuoe leho pitikisoa makhetlo khetlo.
HO BA MONNA HA SE POTELE

TOKA MABULANE O ITHOLLA MOCHELIETE E MOCHA???????????..U tla hopola h**e monna enoa oa Pharmacists o ne a satsoa lahloa ...
17/11/2025

TOKA MABULANE O ITHOLLA MOCHELIETE E MOCHA???????????..U tla hopola h**e monna enoa oa Pharmacists o ne a satsoa lahloa hlooho ke sematsatsa seo a neng a itholle sona ho Pelo e ja serati Halls Holoane.
Toka o ile a haula sechaba ha a hlaha a hlaba seboko kamora h**e eo Holoane a mohlale ka le reng o ne a sa mofe nako.
Pele u typa u bale sehlooho bonyane ha raro.

29/10/2025

MORUTI O POROFETA NTATE STUNNA ( O RE HONA LE BATHO BA BATLANG HO MOLAOLA)...O hlalosa ha hona le ba batlang ho moloants'a ka "Insanity" ( Bohlanya)
O bile a rapella Ntate Stunna ka ho mo beha matsoho.

NTHEJANE OA MASUTSA O BATLA MILONE FEELOANE HLANO HO MAMONICAO monka ka lechoba ka lebaka la tsenyo ea lebitso le ho put...
15/09/2025

NTHEJANE OA MASUTSA O BATLA MILONE FEELOANE HLANO HO MAMONICA
O monka ka lechoba ka lebaka la tsenyo ea lebitso le ho putlamisa khoebo ea hae ka h**e o ile a bua ka eena ho likhokahanyo tsa marang-rang a sechaba mme litaba tseo a li buileng tsa ama khoebo ea hae hampe.
Chelete ena e ngata Nthejane o e batla ho Mokhesi eo e leng monga khoebo e bitsoang "Health Direct".
Nthejane e bile naleli e pela khoeli ho mofumahali Mamonica Mokhesi ka nako e telele. Ha ho tsebahale se ba qabantseng.

NGOANANA O TLA HLAHA KHOTLA KA POLAO EA MOHLANKANA HAE(letsatsi la Nyeoe ke la 29 Mphalane 2025)Lintle Letima ea lilemo ...
09/09/2025

NGOANANA O TLA HLAHA KHOTLA KA POLAO EA MOHLANKANA HAE
(letsatsi la Nyeoe ke la 29 Mphalane 2025)
Lintle Letima ea lilemo li (26) oa Phomolong Thaba-Tseka, O qosoa ka ho fenetha Motseki Kholotsa oa (32) oa Matšoseng, Mafeteng.

Letima o ne a tlalehele lekhotla h**e ke moimana ngoahola ha a ne a hlahile ka pele ho lona nakong eo a neng a itela bootloana ka beile. Letima o ile a re o imme lesea la Motseki Kholotsa eleng mohlankana eo oa hae, 'me o supa a bile a sa ka a bolaea eo ka boikemisetso.

Ha a ne a tsoela pele, Letima o ile a joetsa lekhotla ho re o ne a lula le mohlankana(cohabiting). A re o bolaile eo ese ka morero, se ileng sa etsahala ke h**e o nile a fumana Kholotsa a na le ngoanana e mong moo Letima le eena mohlankana ba lulang, 'me ho fihleng hoa hae ha qhoma ntoa, Letima le ngoanana eo ba bopelana 'me ba kharametsana ho tloha phaposing ea boroko ho ea phaposing ea ho phehela.

Mofumahatsana Letima a re hang o ile a nanabela thipa a re o tlepetsa ngoanana eo ea neng a mo qotelitse haholo, athe mohlankana o tla kena pakeng tsa bona a leka ho namola, eaba ka bomali-mabe o tlepetsa mohlankana. Ausi Letima o boetse a re o ntse a rata mohlankana eo oa hae leha a se a shoele joalo.

BANYALANI BA NAHA BA SITSOA KA NGOANA MOSHANYANABa lebohise.
06/09/2025

BANYALANI BA NAHA BA SITSOA KA NGOANA MOSHANYANA
Ba lebohise.

BONA MORA MALOME VECTOR EO ELENG KHORULA (ngoana ea motle hakaalo).Lena ke lesea la bobeli leo lelapa la Vector le hloho...
18/08/2025

BONA MORA MALOME VECTOR EO ELENG KHORULA (ngoana ea motle hakaalo).Lena ke lesea la bobeli leo lelapa la Vector le hlohonolofalitsoeng ka lona ka March 2025, likhoeli kamora ho hlokahala hoa Ntate oa hae Vector.
Abuti Vector Junior o hlahlama Karabo 'Moleli, morali oa Vector eo le ena e leng seila tsatsi, Naleli e pela khoeli.
Ngoane Motona ke thaka Ntatae

LELAPA LE HANANA LE LITABA TSEO MME BOROTHO A LI BUILENG TV LESOTHO (Eka ebile Nkhono eo eleng Mme oa Mme Borotho o kene...
17/08/2025

LELAPA LE HANANA LE LITABA TSEO MME BOROTHO A LI BUILENG TV LESOTHO (Eka ebile Nkhono eo eleng Mme oa Mme Borotho o kene sepetlele kamora ho shebella lenaneho lena).
Borotho o ile a hlahella a bua litaba tse sisimosang pelo tseo areng o li entsoe ke ena Nkhono eleng Mme oa hae tse akhang h**e o ne a betoa ke ha Amani le ena ba bangata ebe Nkhono ha a tlalehe litaba tseo le h**e Nkhono o ne a monehella ka banna ba motse e le ho mokhalema.
O boetae a bua taba e makatsang ea h**e Nkhono o ne a moseha ka sekere le thipa be o noka maqe a ao a hae ka letsoai .
Eka Nkhono o re re kahara bana ba hae ba 11 ka bontate ba ba beli, Nthabiseng ke lefahla le hlahlamang mafahla a mang, empa ke ena feela ngoana ea bileng le moferefere haholo.
Nthabiseng o tlalehoa ese lekhetlo la pele a hlahella liealemoeaeng a bolela ka moo ena eleng khutsana a senang batsoali a kopa lithuso. Le lehaeng leo la likhutsana a la ikhethela hoea ho lona, o ile a hana ho latoa ke ausi oa hae moo, a bolela ha ena asena batsoali 'me bao ele batho ba batlang ho mo koetela.

Bohloko ba litaba tsena ke h**e bare le Ltv haea bafa le monyetla oa ho shanotsa eo Nthabiseng kamora khatiso eo. Litaba tsena li tiisitsoe ke morali oa Nkhono (Adel Motlosa) ea itseng ka nnete ele lelapa ba kopa ho fuoa monyetla ba shanotse litaba tsa eo kaha a bua ka batho bantseng ba phela, kapa ho mpo ho botsoe batho ba motseng oo. Ore sena se tla kamora nako eo baneng ba se ba belaela h**e likamano li khutletse setloaeling kaha bane se ba khona le ho hlopha merero ea lelapa 'moho.

Hosale joalo ngoanabo oa hofela le ena o ile a mathela ho Facebook a hanana le litaba tsa ausi oa hae h**e o ne a khetholloa hara Bona ka lehloeo.
(Sets'oants'ong ke Adele Matlosa, 'm'e Mabokang Matlosa, Nthabiseng Mafa/Borotho le morali oa hae )
Na baqolotsi ba litaba/ Bahlophisi ba mananeho baa nepa ka ho nka lehlakore lele leng la litaba ntle leho atamela nkhono le banna bao Borotho a reng ba mohlekefelitse?

05/08/2025

TJEKA TJEKA O QABANA LE LINGAKA BEREA HOSPITAL
O ntse ale moo ngakeng moo ba neng ba Hana ho mothusa ka ngoana ea robehileng leoto joalo kaha ele tloaelo e mpe ea lingaka tsa Lesotho.

Address

Potchefstroom

Website

Alerts

Be the first to know and let us send you an email when The Truth Ls posts news and promotions. Your email address will not be used for any other purpose, and you can unsubscribe at any time.

Contact The Business

Send a message to The Truth Ls:

Share