27/08/2026
NTSEKELE LE THEBE BA TSOHELA KOMITI E KHOLO EA ABC MATLA.. BA TELLA MOETAPELE OA ABC
Tse hlahellang, li supa ha Komiti e kholo ea ABC, e ts'oere ts'epe e chesang ka letsoho e ntseng e besoa ke motlatsi oa Moetapele oa mokha oa Kobotata ea Basotho (ABC) le mongoli oa eona Thebe Mokoatle.
Bobeli bona bo utloahala bo sebetsa 'moho ho se ikobele liqeto tse fihletsoeng ke komiti e kholo moo re ka qoollang ha komiti e kholo ea ABC e ile ea etsa qeto ea ho tšoara seboka Leribe #12, 'me ha qetoa ka h**e Mokoatle a hlophela seboka se joalo empa eaba a se isa Matlakeng e seng moo u laetsoeng ke komiti.
Hlokoana la tsela le supang le tenehile ke boits'oaro ba Ntsekele le Mokoatle le re, bobeli boo bo boetse ba etsa ketso e tšoanang, komiti e ile ea etsa qeto h**e ho etsoe seboka lebatooeng la Lithabaneng empa ba kena 'mommoring ba se khelosa ba se isa Majoe-a- Litsoene
Thebe le Ntsekele ba tlalehoa ba palame nkoe ba matha ka hara mabatooa moo ba ntseng ba qhala likomiti tse neng li sa ba ts'ehetse ha ho khethoa komiti e kholo ea ABC e bile ba rekisa taba ea h**e moetapele oa ABC a liheloe ho behoe Ntsekele boetapeleng.
“Ba tsohetse tsamaiso matla 'me taba ena re lekile h**e re e ts'oare hantle empa bobeli bono bo tella e sita le moetapele.” Ho rialo ea re lommeng tsebe ea sa ratang ha a hlahella mona molemong oa ts'ereletseho ea hae ka hara ABC.
Eo o re ba nkile monyetla ka hobane Kabi e se motho ea ratang litaba hobane o ba khalemme ka makhetlo empa ba hlotse hoo Mokoatle le Ntsekele ba bileng ba tsoa ka la makuleng ba ilo tekenela tumellano ea khiro ea liofisi tsa moo ABC e sebeletsang teng le hoja komiti e ne e entse qeto ea ho se nchafatse tumellano eo.
“Ha hothoe ba kope ts'oarelo, ba hanne. Ba etsa lintho ka moo ba ratang joale ba tella le ntate moetapele. Ha a beha setene, ba beha taka.” Ho riaolo hlokoana-la-tsela e bile le supa h**e Kabi o mamelletse maemo ana nako e telele.
Ntsekele le Thebe ba bolelletse leselinyana lena h**e ba keke ba buela litaba tsa ABC marang-rang.
Puisanong ka mohala le moetapele oa ABC, o supile h**e re ikise re ilo bua litaba tsena ho shebanoe mahlong hobane motho e mong le e mong a ka letsa a re ke ralitaba 'me ho tla ba thata ho eena ho bua le batho bao a ka sitoang ho netefatsa h**e ke bo-ralitaba.
RE SA TLA HAPE KA LITABA TSA NTSEKELE TSEO A NTSENG A LI ETSA LE THEBE HO LOANTS'A KABI HOBANE NTSEKELE A TSEKA BOETAPELE