
03/09/2025
𝐋𝐢𝐥𝐞𝐦𝐞𝐥𝐚 𝐞 𝐨𝐞𝐥𝐞 𝐤𝐚 𝐩𝐡𝐚𝐭𝐥𝐚!!
Ke ka masoabi a maholo le kutloelo bohloko Lilemela Foootball Club e phatlalatsang ka lefu la e mong oa banna ba matla haholo eleng sethiba-thibane sa sehlopha se bonahetseng haholo mabaleng sehleng se fetileng sa lipapali eleng Seabelo Nkoale oa Masemakeng/Ha-Moeketsi Sefikaneng.
Tlaleho e bohloko eo re e fumaneng ke h**e Seabelo o hlokahetse ka Sontaha sa la 31 Phato 2025 ka ho oela fela atsoa ka lebaleng moo a neng a ntse a bapala teng kaha ele motho ea neng a rata papali ea bolo haholo!
Re lahlehetsoe haholo re le Lilemela, mme re nka monyetla ona ho tselisa lelapa la Nkoale ka mora eo oa lona, re boetse re tshelisa bohle barati le batshehetsi ba Lilemela FC le barati ba papali ea bolo ka kakaretso!
Bohle ba ka ratang ho fana ka matsheliso, re kopa le letsetse motlatsi oa mongoli ho +266 58403004 bakeng sa lintlha
Phomola ka Khotso Mora Nkoale