07/05/2026
*E mong oa baqhobi ba likoloi tsa baeti o re, ha na ts’epo ea h**e ho nyolloa ha litefiso tsa likoloi ho tlilo tlisa phaphang kaha likoloi li se li le ngata eleng se imetsang khoebo
*Phala ea mokhatlo oa mapolesa a banna Inspector. Kotsoane Ramakau o re, mokhatlo oa habo o lets’olong la ho ts’oarela banna liboka naha ka bophara, ho thopothetsa kutloisiso ea boikarabello ba bona sechabeng
*Tumelo Mohai oa Fobane Leribe o re, o batlile a nkoa ke nokana ea Mabonyane e neng e ts’oloha kamora lipula tse matla ka labobeli
*Masole a fetang makholo a ts’eletseng a linaha tse fapaneng, a ntse a batlana le masole a America a mabeli, ao esaleng a nyamela nakong ea liteko tsa sesole lebopong la Antlantic
*Mokhatlo oa lingaka tse senang moeli-MSF, o koetse sepetlele sa oona South Sudan, kamora ts’enyo e bakiloeng ke thlaselo ea ka Hlakola